MATSHWAO: 100
NAKO: dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 9.
PAMPIRI YA 3 (P3)
KEREITE YA 12
DITAELO HO BAHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe DIKAROLO TSE THARO, e leng:
KAROLO YA A: Moqoqo 
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele 
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlha tseo a tlang ho ngola ka tsona), mme a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO ya A, metsotso e 40 KAROLONG ya B le metsotso e 30 a araba KAROLO ya C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
ELA HLOKO: Ngola sehlooho se loketseng seo o se kgethileng.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 250 - 300
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 120 -150
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane - mantswe a
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a boletsweng ka tlase. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Ela tsena hloko:
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 250 ho isa ho 300.
Mokgatlo wa baithuti wa naha o hlophisitse kopano e kgolo Thekenikhonong ya Tshwane. Sebui sa bohlokwa ke Letona la Thuto. Le lokela ho tloha le le baemedi ba profensi ya lona. Tseleng sepalangwang sa lona se ile sa ba le bothata. Ka baka la bothata boo ha le a ka la finyella kopanong eo. Ngola moqoqo oo ka wona o phetang se ileng sa le hlahela leetong leo la lona. Sehlooho e be: Ra tla ra phoqwa ke koloi.
KAPA
Matsatsing a kajeno batho ba na le mekgatlo ya ho boloka tjhelete kgwedi le kgwedi. Ha selemo se fela ba arolelana tjhelete eo e le ho tla phetha merero ya bona e fapaneng. Ba bang bona ba e bolokela ho lefella bana ba bona dikolong ha selemo se setjha se qala. O motshwaramatlotlo mokgatlong wa lona. Letsatsing la maobane le ile la ntsha tjhelete bankeng eo le lokelang ho e arolelana. Ditho tsa mokgatlo di lebelletse hore o tlo ba abela yona empa ka bomadimabe o fihlile ho bona o tabohetswe o le moputswa, hobane o ne o ile wa tshwarwa poho ke dikebekwa. Di ile tsa o nkela tjhelete kaofela. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang tsohle tse etsahetseng letsatsing leo. Sehlooho sa moqoqo e be: Leo letsatsi nke ke ka le lebala le kgale.
KAPA
Molao wa motheo wa Afrika Borwa o re motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho kgetha mokga wa dipolotiki oo a nahanang hore o tla ntshetsa naha ya rona pele. O ne o le e mong wa ba ileng ba ya kgetha dikgethong tsa 2009. Takatso ya hao e ne e le ho bona mokga wa hao o hlola dikgethong mme e le wona o tla nka puso. Ka bomadimabe ho na le mokga o mong o hlotseng oo e seng wa hao. O bona sena e tla ba tshita e kgolo ho mokgatlo wa hao hobane o ne o na le maikemisetso a maholo a ho ntshetsa profensi pele. Sena se o tetebeditse maikutlo. Ngola moqoqo mabapi le sena. Sehlooho sa hao e be: Hoja mokgatlo wa ka o ne o ile wa atleha ho hlola dikgethong tsa 2009.
KAPA
Khansele ya boingodiso ba matitjhere e sisinya hore matitjhere a be le yunifomo eo a tlang ho e apara jwalo ka mapolesa, manese, bakganni ba difofane le basebeletsi ba bang ba mmuso ba aparang yunifomo. Sena se bakwa ke hore ho na le tletlebo ya ho re a mang a matitjhere a apara ka tsela e sa amohelehang setjhabeng. Ho na le mekgatlo e meng ya matitjhere e kgahlanong le sena. E re motho o lokela ho fuwa monyetla wa ho apara seo a ikutlwang a boheha ha a se apere. Wena o e bona jwang taba ee? Ngola moqoqo oo ho wona o tshehetsang lehlakore leo o dumellanang le lona. Sehlooho sa moqoqo e be: Ebe matitjhere a lokela ho apara yunifomo kapa tjhe?
KAPA
Barati ba papadi ya bolo ya maoto ba arohile dikoto tse pedi mona Afrika Borwa. Sekoto sa pele se re mmuso o senya tjhelete ka ho tshehetsa Bafanabafana e dulang e hlolwa. Sa bobedi sona se re mmuso o etsa hantle hobane Bafanabafana ke sehlopha sa naha jwalo ka tse ding. Ngola moqoqo oo ho wona o buellang mahlakore ana ka bobedi. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Tshehetso ya ditjhelete ya Bafanabafana e emisitse batho dihlooho
KAPA
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho
KAPA
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeta hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
KAPA
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeta hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha e le nngwe ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Ela tsena hloko:
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 120 ho isa ho 150.
O ne o entse kopo ya thomello ya dibuka tse tharo tsa Sesotho lebenkeleng la CNA empa ka bomadimabe o romelletswe dibuka tseo e seng tsona. Ngolla motsamaisi wa lebenkele leo lengolo o tletlebe ka dibuka tse fosahetseng tseo ba o romelletseng tsona.
KAPA
O na le seabo se seholo motseng oo o phelang ho wona. Ke wena feela motho ya nang le khomphutha mme o thusa baahi ba motse ka ho ba tlanyetsa dintho tsa bona tse kang Mangolo a Boitsebiso le Boiphihlello (CV), mangolo a dikopo tsa mesebetsi, ditokomane le tse ding tse ngata. Ho na le qhooku e seng e le siile motseng wa heno. O kopilwe ke ba lelapa ho ba ngolla obitjhuari/tsa bophelo ba mofu ka ha ba hlokometse hore o ne o mo tseba ebile le le metswalle. Ngola obitjhuari eo.
KAPA
O bone phatlalatso ya sekgeo sa mosebetsi koranteng e itseng. O na le thahasello ya mosebetsi oo ho ya ka mangolo a thuto ao o nang le wona. Sekgeo seo sa mosebetsi se o hloka hore o ba romelle lengolo la kopo ya mosebetsi le Lengolo la Boitsebiso le Boiphihlello (CV). A ko ngole CV ya hao eo o lokelang ho e romella khampane eo o boneng sekgeo seo sa mosebetsi ho yona.
KAPA
Jwalo ka moemedi wa baithuti sekolong sa heno, o filwe boikarabelo ba ho hlokomela hore baithuti ha ba senye thepa ya sekolo nakong eo le etetsweng ke baithuti ba sekolo se seng ka dipapadi. Ka bomadimabe, ho ile ha ba le bohlaswa ba lequlwana la baithuti ba itseng le ileng la baka tshenyo moahong wa sekolo. Ngolla mosuwehlooho raporoto/tlaleho eo ho yona o hlalosang se etsahetseng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Ela tsena hloko:
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 80 ho isa ho 100.
O bonahala o na le bokgoni ba ho ipulela kgwebo e nyenyane ya ho rekisa. O hlokometse hore baahi ba motse wa heno ke batshehetsi ba baholo ba sehlopha sa bolo ya maoto sa motseng oo. O hlokometse hore ha o ka rekisa dikipa tsa bolo tsa sehlopha sa motse, di ka rekwa haholo. A ke o ngole papatso e tla hohela bareki ba hao ho reka dikipa tseo.
KAPA
O iphumanetse motswalle ka tsela ya thekenoloji e teng matsatsing ana a kajeno. Motswalle enwa wa hao o rerile ho o etela moo o dulang. Le ntse le buisana ka melaetsa e mekgutshwanyane ya diselefounu (SMS), 'mix-it' le e-meili. Ngola ditshupiso tse felletseng tsa ho re o tla tsamaya jwang ho tloha boemelong ba ditekesi ho tla fihla lapeng heno. Ela hloko hore ditaelong tsa hao o bolele dibaka, diterata le meaho e bonahalang eo motswalle wa hao a tlang ho e feta.
KAPA
Dikgweding tse tharo tse tlang o tla be o ba le dilemo tse mashome a mabedi le motso o le mong. Batswadi ba hao ba ikemiseditse ho o etsetsa moketjana wa letsatsi la tswalo. O na le metswalle eo o ratang ho e mema moketjaneng ona wa hao. Ngola karete ya memo moo o memelang metswalle ya hao moketjaneng ona. Hlalosa dintlha tsohle tse loketseng ho hlahella kareteng ya mofuta o jwalo wa memo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
